18/08/2026
TLHAKISO EA SEMMUSO EA LITABA TSA LICHELETE
OFFICIAL FINANCIAL CLARIFICATION
SESOTHO
Letšolo la Help Nnete Heal le lakatsa ho lokisa lintlha tse peli tsa lichelete tse seng li phatlalalitsoe sechabeng.
Qalong, letšolo ha lea ka la amohela kapa la netefatsa monehelo oa M400,000 oo ho tlalehiloeng h**e o tsoa United States.
Kakaretso ea M1.3 milione e phatlalalitsoeng pejana e ile ea kopanya chelete e amohetsoeng le litšepiso tsa menehelo tse ntseng li e-so phethahatsoe. Ka hona, e ne e sa bontše ka nepo chelete e hlileng e amohetsoeng ke letšolo.
Hona joale re ntse re bapisa le ho netefatsa lirekoto tsa litsela tsohle tsa semmuso tsa menehelo, matsapa a lumelletsoeng a ho bokella lichelete le litšepiso tsa menehelo.
Ka Labone la 20 Phato 2026, re tla phatlalatsa tlaleho e lokisitsoeng e bontšang kakaretso e netefalitsoeng ea chelete e amohetsoeng. Litšepiso tsa menehelo tse e-so phethahatsoe li tla tlalehoa ka thoko ’me li ke ke tsa kenyeletsoa cheleteng e amohetsoeng.
Re kopa tšoarelo ka phoso ena ea tlaleho le pherekano e bakiloeng ke eona. Re kopa sechaba le boralitaba h**e ba se ke ba qotsa M1.3 milione e le chelete e amohetsoeng. Tlaleho e tlang e lokisitsoeng e lokela ho nkoa e le kakaretso e netefalitsoeng ea letšolo ho fihlela letsatsing la tlaleho.
Re leboha sechaba ka mamello, kutloisiso le tšepo ea sona. Re ntse re ikemiselitse ho buisana ka mokhoa o hlakileng le ho sebetsa ka boikarabello.
ENGLISH
The Help Nnete Heal campaign wishes to correct two financial matters currently in public circulation.
First, the campaign did not receive or verify the reported M400,000 donation said to be from the United States.
Second, the previously reported total of M1.3 million incorrectly combined funds received with pledges that remain outstanding. It therefore did not accurately represent the amount received by the campaign.
We are reconciling all official donation channels, authorised fundraising initiatives and pledges against the relevant transaction records.
On Thursday, 20 August 2026, we will publish a corrected update showing the verified amount received. Outstanding pledges will be reported separately and will not be included in the amount received.
We apologise for the reporting error and the confusion it has caused. We respectfully ask the public and media not to quote M1.3 million as the amount received. The forthcoming reconciled update should be treated as the campaign’s verified fundraising total as at the reporting date.
We sincerely thank the public for its patience, understanding and continued trust. We remain committed to clear communication and responsible reporting.
HELP NNETE HEAL CAMPAIGN TEAM
CONTACT / LIPOTSO
Website: www.helpnneteheal.org.ls
Facebook: Send a private message to this official Help Nnete Heal Page.